Scripture Stories
Khaolo ea 6: Toro ea Lehi


“Khaolo ea 6: Toro ea Lehi,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 18–20

“Khaolo ea 6,” Lipale tsa Buka ea Mormone 18–20

Khaolo ea 6

Toro ea Lehi

Setśoantśo
Lehi le lelapa

Lehi o ile a bolella lelapa la hae ka pono ea bohlokoa eo a bileng le eona torong ea hae. Toro ea Lehi e ile ea mo thabisa ka lebaka la Nefi le Sam empa ea mo hlonamisa ka lebaka la Lamane le Lemuele.

Setśoantśo
Lehi le lengeloi

Torong ea hae Lehi o ile a bona monna ea neng a apere seaparo se soeu a ileng a bolella Lehi ho mo latela. Lehi o ile a latela monna eo ho ea lefifing le thoteng e ts´abehang.

Setśoantśo
Lehi oa rapela

Kamora ho tsamaea lefifing lihora tse ngata, Lehi a rapella thuso.

Setśoantśo
sefate sa bophelo

Eaba o bona sefate se neng se na le litholoana tse ts´oeu. Litholoana tsena li ne li thabisa ba neng ba li ja.

Setśoantśo
Lehi o ja tholoana

Lehi o ile a ja tholoana eo, ´me e ile ea mo tlatsa ka nyakallo. O ne a batla hore lelapa la hae le latsoe tholoana eo hobane o ne a tseba hore e tla ba thabisa le bona.

Setśoantśo
Saria, Seme le Nefi ba tsamaea ba lebile ho Lehi

Lehi o ile a bona noka haufi le sefate. tlhorong ea noka o ile a bona Saria, Seme, le Nefi.

Setśoantśo
Lelapa le atamela sefate

Lehi o ile a bitsa mosali oa hae le bara ho tla latsoa tholoana eo. Sariah, Sam, le Nefi ba ile ba tla ´me ba latsoa tholoana, empa Lamane le Lemuele ba se ke ba tla.

Setśoantśo
lere le isang sefateng

Lehi o ile a boela a bona lere la tśepe le tsela e otlolohileng ebile e le tśetśanyane e lebile sefateng.

Setśoantśo
batho ba tśoereng lere

O ile a bona batho ba bangata ba tsamaea ba lebile tseleng eo. Ka lebaka la moholi o lefifi, ba bang ba ile ba kheloha tseleng ´me ba lahleha.

Setśoantśo
batho ba tśoereng lere

Ba bang ba ile ba itśoarella ka lere la tśepe ´me ba feta har´a lefifi leo ho fihla sefateng. Baile ba latsoa tholoana eo.

Setśoantśo
batho ba ja tholoana

Batho ba neng ba le ka har´a moaho o moholo ka lehlakoreng le leng la noka ba ile ba ts´eha bao ba jeleng tholoana. Ba bang ba neng ba se ba jele tholoana ba ile ba soaba ´me ba tloha sefateng.

Setśoantśo
moaho o nang le sebaka se seholo

Lehi o ile a bona batho ba bangata torong ea hae. Ba bang ba ile ba itśoarella ka tieo lereng la tśepe ´me ba tsamaea lefifing ho ea fihla sefateng. Ba ile ba latsoa tholoana eo. Ba bang ba ile ba leba moahong ola o moholo kapa ba khoangoa ke metsi ka nokeng kapa ba lahleha. Lamane le Lemuele ba ile ba hana ho ja tholoana. Lehi o ne a tśoenyehile ka bona ´me a leka ho ba thusa ho mamela melao ea Molimo.

Hatisa