Lipale tsa Mangolo a Halalelang
Khaolo ea 31: Molaoli Moroni O Hlola Zerahemna


“Khaolo ea 31: Molaoli Moroni O Hlola Zerahemna” Lipale tsa Buka ea Mormones (1997), 85–88

“Khaolo ea 31,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 85–88

Khaolo ea 31

Molaoli Moroni O Hlola Zerahemna

Setśoantśo
Ba-Lamane ba a bua

Zerahemna, moetapele oa Ba-Lamane,o ne a batla batho ba hae ba tsoele pele ho hloea Ba-Nefi le hoba etsa makhoba a bona.

Setśoantśo
Masole a Ba-Nefi

Ba-Nefi ba ne ba batla ho boloka lefatśe la bona le malapa a bona a lokolohile. Ba ne ba batla hape ho khumamela Molimo ka bolokolohi.

Setśoantśo
Molaoli Moroni

Molaoli Moroni e ne e le moetapele oa mabotho a Ba-Nefi. Ha Ba-Lamane ba tla ho tla loana, Moroni le mabatho a hae ba ile ba kopana le bona lefatśeng la Jershon.

Setśoantśo
Molaoli Moroni le lebotho

Molaoli Moroni o ne a hlophile lebotho la hae ka libetsa, lithebe, lihlomo , le liaparo tse morumo.

Setśoantśo
Lebotho la Ba-Lamane

Ba-Lamane ba ne ba na le lebotho le leholoanyane empa ba ne ba ts´ohile ha ba bona lihlomo tsa Ba-Nefi. Ba-Lamane ba ne ba apere liaparo tse fokolang.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba ipatile lefelleng

Lebotho la Ba-Lamane le ne le sa qeke ho loantśa lebotho la Molaoli Moroni. Ba-Lamane ba ile ba balehela lefelleng ´me ba rera ho hlasela motse o fapaneng oa Ba-Nefi.

Setśoantśo
Alma oa rapela

Moroni o ile a romela lihloela ho ea lisa Ba-Lamane. O ile a boela a kopa Alma ho rapella thuso ho Morena. Morena o ile a bolella Alma moo Ba-Lamane ba neng ba ilo hlasela.

Setśoantśo
Moroni o tsamaisa lebotho la hae

Ha Moroni a fumana molaetsa oa Alma, o ile a siea masole a mang ho lebela Jershone ´me a tsamaisa bohle ba bang ho ea kopana le Ba-Lamane.

Setśoantśo
Masole a Moroni a ipatile

Masole a Molaoli Moroni a ile a ipata ka mahlakoreng ohle a noka Sidone, ba emetse ho tla etsetsa lebotho la Ba-Lamane sefi.

Setśoantśo
Ntoa ka nokeng

Ntoa e ile ea qala, ´me Ba-Lamane ba ile ba leka ho baleha ka ho tśela noka empa Ba-Nefi ba bang ba ne ba ba emetse ka mose oane ho noka.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba thunya litsenene

Ka ho loana ka thata ho feta kamoo ba kileng ba loana pele, Zerahemna le lebotho la hae ba ile ba bolaea Ba-Nefi ba bangata. Ba-Nefi ba ile ba llela thuso ea Morena.

Setśoantśo
Ba-Nefi ba shebane le Ba-Lamane

Morena o ile a matlafatsa lebotho la Ba-Nefi. Lebotho le ile la potapota Ba-Lamane, ´me Moroni a laela hore ho loana ho emise.

Setśoantśo
Moroni o buisana le Zerahemna

Moroni o ile a bolella Zerahemna hore Ba-Nefi ba ne ba sa batle ho bolaea Ba-Lamane kapa ho ba etsa makhoba a bona.

Setśoantśo
Moroni oa bua

Moroni o ile a re Ba-Lamane ba ke ke ba senya tumelo ea Ba-Nefi ho Jesu Kreste. O ile a re Molimo o tla tsoela pele ho thusa Ba-Nefi ho loana ha feela ba ntse ba tśepahala.

Setśoantśo
Moroni o laela Zerahemna

Moroni o ile a laela Zerahemna ho fana ka libetsa tsa hae. Ba-Lamane ba ke ke ba bolaoa ha ba ka tśepisa ho se hlole ba loantśa Ba-Nefi hape.

Setśoantśo
Zerahemna o fa Moroni libetsa

Zerahemna o ile a fa Moroni libetsa tsa hae empa a se ke a tśepisa ho se loane. Moroni o ile a khutlisetsa libetsa tsa Ba-Lamane ho bona hore ba tle ba itśireletse.

Setśoantśo
Lesole la Mo-Nefi le roba sabole ea Zerahemna

Zerahemna o ile a potlakela ho Moroni ho ea mo bolaea, empa lesole la Mo-Nefi le ile la otla ´me la roba sabole ea Zerahemna.

Setśoantśo
Lesole le tlosa Zerahemna letlalo la hloho

Eaba Lesole leo le seha letlalo la hlooho la Zerahemna, a le hloma motsung oa sabole ea hae, ´me a le phahamisetsa holimo moeeng.

Setśoantśo
Letlalo la hloho la Mo-Lamane

Ba-Lamane ba tla oela joalo ka ha letlalo leo la hlooho le oele, a rialo, haeba ba sa nehelane ka libetsa tsa bona ´me ba ts´episa hore ba ke ke ba hlola ba loana hape.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba nehelana ka libetsa

Ba-Lamane ba bangata ba ile ba beha libetsa tsa bona maotong a Moroni ´me ba tśepisa ho se loane. Ba ile ba lokolloa.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba loana

Ka khalefo, Zerahemna o ile a hlohleletsa masole a hae a setseng ho loana. Masole a Moroni a ile a bolaea ba bangata ba bona.

Setśoantśo
Zerahemna o ipiletsa ho Moroni

Ha Zerahemna a bona hore eena le banna ba habo ba tla bolaoa, o ile a kopa Moroni ho ba lokolla. O ile a tśepisa ho se hlole a loantśa Ba-Nefi hape.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba tloha pela Ba-Nefi

Moroni o ile a emisa ntoa ´me a nka libetsa tsa Ba-Lamane. Kamora ho tśepisa ho se loane, Ba-Lamane ba ile ba tsamaea.

Hatisa