Scripture Stories
Khaolo ea 17: Alma le Batho Ba Hae Ba Phonyoha.


“Khaolo ea 17: Alma le Batho Ba Hae Ba Phonyoha,” Lipale tsa Buka ea Mormone (1997), 47–48

“Khaolo ea 17,” Lipale tsa Buka ea Mormone, 47–48

Khaolo ea 17

Alma le Batho Ba Hae Ba Phonyoha

Setśoantśo
Batho ba sebetsa tśimong

Ka letsatsi le leng ha batho ba Alma ba ntse ba sebetsa masimong a bona, Lebotho la Ba-Lamane la tśela moeli ho kena lefatśeng la bona.

Setśoantśo
Alma o bua le batho

Ba-Nefi ba ne ba tśohile ´me ba balehela motseng bakeng sa tśireletso. Alma o ile a ba bolella ho hopola Molimo ´me o tla ba thusa. Ba-Nefi ba ile ba qalella ho rapela.

Setśoantśo
Alma o bua le Ba-Lamane

Morena o ile a nolofatsa lipelo tsa Ba-Lamane, ´me ha ba ea bahlokofatsa Ba-Nefi. Ba-Lamane ba ile ba lahleha ha ba ntse ba leka ho fumana batho ba Morena Limhi.

Setśoantśo
Alma o bontśa Ba-Lamane tsela e isang hae

Ba-Lamane ba ile ba ts´episa Alma hore ba ke ke ba tśoenya batho ba hae ha a ka ba bolella hore na ba ka khutlela lefatśeng la bona joang. Alma o ile a ba bontśa tsela.

Setśoantśo
Ba-Lamane ba lebela batho ba Alma

Empa Ba-Lamane ha ba ka ba boloka tśepiso ea bona. Ba ile ba beha balebeli ho pota lefatśe leo, ´me Alma le batho ba hae ba ne ba se ba sa lokoloha.

Setśoantśo
Amulone o bua le molebeli oa mo-Lamane

Morena oa Ba-Lamane o ile a etsa Amulone ´musi holima batho ba Alma. Amulone e ne e le Mo-Nefi le moprista ea khopo oa Morena Noah.

Setśoantśo
Amulone o shebile batho ha ba sebetsa

Amulone o ne a sebelisa batho ba Alma ka thata. Ba ile ba rapella thuso, empa Amulone a re motho ofe kapa ofe ea tla fumanoa a rapela o tla bolaoa. Batho ba ile ba tsoela pele ho rapella ka lipelong tsa bona.

Setśoantśo
Moshanyana o nkile seroto

Molimo o ile a utloa lithapelo tsa bona ´me o ile a ba matlafatsa hore mosebetsi oa bona o bonahale o le bobebe. Batho ba ne thabile ´me ba na le mamello.

Setśoantśo
Molimo o bua le Alma

Molimo o ne a thabile ke hore batho ba ne ba tletse tumelo. O ile a bolella Alma hore o tla ba thusa ho phonyoha ho Ba-Lamane.

Setśoantśo
Batho ba Alma ba phonyoha

Nakong ea bosiu batho ba ile ba bokella lijo tsa bona le liphoofolo. Hoseng ho hlahlamang Molimo o ile a robatsa Ba-Lamane ha Alma le batho ba hae ba tloha motseng oo.

Setśoantśo
Morena Mosaia o amohela Alma

Kamora ho matsatsi a leshome le metso e ´meli, batho ba ile ba fihla Zarahemla, moo Morena Mosaia le batho ba hae ba ileng ba ba amohela.

Hatisa